damnlyrics.com

For In Case

Ka hopola letsatsi le lengwe

Ha monna moholo Abraham

A dutse le ba ntlo ya hae

Mosadi moholo Sarah, are ho yena

Abraham, Abraham

E ka kgona o nke hahare mosadi wa molata

Gore are belegele ngwana

Ngwana'o e tlabang mojalefa

Hobane nna le wena re se re tsofetsi

Hoa etsahala ngwanesu

Hore hahare mosadi wa molata

A beleheleba ba ntlo ya Abraham morwa

Ya bitswang hore ke Ishmael

Hao latisisa taba ye

Wae utlwa hantle hore

Mosadi moholo Sarah

O ne a kopa ho ka baka la hore

O be a bona hore ke tshwanelo hore ngwana a be teng

For in case

Ee wena ngwanesu

Tlohela dintho tsa lefifi

Amohela Kriste

For in case

Ha moya wa hao

Ho fihlile nako ya hore o kgaogane le lefatshe la ba utswang

O tle o kgone le wena

Ho kena ditulong tse Kriste a re tshephisitseng tsona mohlang a tloha

A ya lehodimong

A re keo le lokisetsa madulo hore mo ke leng teng

Le lona le tle le be teng

Mo amohele ngwanesu

For in case

Hao amohetsi Kriste o tla tseba ho bina

Le wena ware

Jwale ke bone sediba se maphodi se monate

Utlwa...

He he wena motho

He he motho utlwa

Amohela Jeso

Jwalo ka morena le mopholosi bophelong ba hao ngwanesu

For in case

O tle o kgone ho bina le wena

Ore

Jwale ×5

Jwale ke bone sediba sa nnete

Sediba se maphodi se monate

Jwale ke bone sediba sa nnete

(Ke santsane ke ho kopa ngwanesu kere

Amohela Kriste jwale ka morena le mopholosi bophelong ba hao

O tle o bone sediba se maphodi se monate

O ska utlwa ho bolelwa ka sona

O tle o se bone ka mahlo)

Sediba

Sediba se maphodi se monate(hei, o tla utlwa okare wa cha kante wa futhumala)

Amen

Amen

Amen

Lyrics Submitted by Tshephang

Enjoy the lyrics !!!